Johanne
Khaolo 5:38-44
BIBELE e Halalelang
38Mme lentswe la hae ha le dule ho lona, hobane ha le dumele eo a mo romileng.
39Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho wona; athe ke wona a mpakang.
40Empa ha le rate ho tla ho nna le tle le be le bophelo.
41Ha ke amohele thoriso e tswang ho batho;
42empa ke a le tseba hobane lerato la Modimo ha le yo ho lona.
43Nna ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ekare ha e mong a etla ka lebitso leo e leng la hae, feela yena le tla mo amohela.
44Le ka dumela jwang, lona le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?