Johanne
Khaolo 5:40-46
BIBELE e Halalelang
40Empa ha le rate ho tla ho nna le tle le be le bophelo.
41Ha ke amohele thoriso e tswang ho batho;
42empa ke a le tseba hobane lerato la Modimo ha le yo ho lona.
43Nna ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ekare ha e mong a etla ka lebitso leo e leng la hae, feela yena le tla mo amohela.
44Le ka dumela jwang, lona le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?
45Le se ke la lekanya ekaba ke nna ke tla le qosa pela Ntate; ya le qosang o teng, ke Moshe eo le mo tshepileng.
46Hola le dumela ho Moshe, le ho nna le ka be le dumela; hobane o ngodile taba tsa ka.