Johanne
Khaolo 6:1-5
BIBELE e Halalelang
1Kamora tseo, Jesu a ya mose wane wa lewatle la Galelea, e leng la Tiberiase.
2Bongata bo boholo ba mo latela, kahobane ba ne ba bona mehlolo eo a e etsang ho ba kulang.
3Mme Jesu a nyolohela thabeng, a dula teng le barutuwa ba hae.
4Mme Paseka, mokete wa Bajuda, e ne e le haufi.
5Yaba Jesu o emisa mahlo a hae, mme ha a bona hobane bongata bo boholo bo ntse bo etla ho yena, a re ho Filipi: Na re tla reka mahobe kae, batho bana ba tle ba je?