Johanne
Khaolo 6:16-22
BIBELE e Halalelang
16Yare mantsiboya barutuwa ba hae ba theohela lewatleng.
17Ba kena sekepaneng se seng, ba re ba tshela lewatle ho ya Kapernauma. Shwalane ya ba tshwara, Jesu a eso ho tle ho bona,
18lewatle la ba la kokomoswa ke moya o moholo o fokang.
19Yare hobane ba sesise sekepana distadia tse ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano, kapa mashome a mararo, ba tshoba ba bona Jesu a tsamaya hodima metsi, a fihla haufi le sekepana; mme ba tshaba.
20A mpa a re ho bona: Ke nna; se tshoheng.
21Yaba ba mo nkela sekepaneng ka thabo; mme sekepana sa hla sa fihla hang lebopong la moo ba neng ba ya teng.
22Ka hosasane, eitse ha bongata bo setseng mose wane wa lewatle bo lemoha hobane ho ne ho se sekepana moo, haese seo barutuwa ba hae ba keneng ho sona, le hobane Jesu a ne a sa ka a kena le barutuwa ba hae sekepaneng seo, barutuwa ba hae ba mpa ba ile ba nnotshi,