Johanne
Khaolo 6:32-38
BIBELE e Halalelang
32Yaba Jesu o re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke yena Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.
33Hobane bohobe ba Modimo ke bo theohileng lehodimong, bo neang lefatshe bophelo.
34Yaba ba re ho yena: Morena, re fe bohobe boo kamehla yohle.
35Jesu a re ho bona: Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna a ke ke a lapa, mme ya dumelang ho nna a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong.
36Empa ke le boleletse hore le mpone, empa ha le dumele.
37Hohle hoo ke ho newang ke Ntate, ho tla fihla ho nna; mme ya tlang ho nna, nke ke ka mo lahlela ntle.
38Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng.