Johanne
Khaolo 6:4-10
BIBELE e Halalelang
4Mme Paseka, mokete wa Bajuda, e ne e le haufi.
5Yaba Jesu o emisa mahlo a hae, mme ha a bona hobane bongata bo boholo bo ntse bo etla ho yena, a re ho Filipi: Na re tla reka mahobe kae, batho bana ba tle ba je?
6O ne a bua jwalo ka ho mo leka, hobane a ne a tseba seo a tla se etsa.
7Filipi a mo araba, a re: Mahobe a didenare tse makgolo a mabedi a ke ke a ba lekana, hore e mong le e mong wa bona a nke ho honyenyane.
8E mong wa barutuwa ba hae, Andrease, ngwanabo Simone Petrose, a re ho yena:
9Moshanyana o teng mona, ya nang le mahobe a mahlano a harese, le dihlatswana tse pedi; empa hoo e ka ba eng, ha ba le bangata hakalo?
10Yaba Jesu o re: Dudisang batho fatshe. Mme jwang bo ne bo le boholo bakeng seo. Yaba banna ba dula, ba batlile ho ba dikete tse hlano palong.