Johanne
Khaolo 6:44-50
BIBELE e Halalelang
44Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa hulwe ke Ntate ya nthomileng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.
45Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.
46Hase hore motho o kile a bona Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate.
47Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna o na le bophelo bo sa feleng.
48Ke nna bohobe ba bophelo.
49Bontata lona ba jele manna feelleng, mme ba shwele.
50Ke bona bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa.