Johanne
Khaolo 6:45-51
BIBELE e Halalelang
45Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.
46Hase hore motho o kile a bona Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate.
47Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna o na le bophelo bo sa feleng.
48Ke nna bohobe ba bophelo.
49Bontata lona ba jele manna feelleng, mme ba shwele.
50Ke bona bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa.
51Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela kamehla; mme bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea lefatshe, le tle le phele.