Johanne
Khaolo 6:54-60
BIBELE e Halalelang
54Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng; mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.
55Hobane nama ya ka ke sejo kannete, mme madi a ka ke seno kannete.
56Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o dula ho nna, le nna ho yena.
57Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le yena ya jang nna o tla phela ka nna.
58Bohobe bo theohileng lehodimong ke bona bona; ha ho jwaloka bontata lona ba jeleng manna, mme ba shwele; ya jang bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng.
59A bolela taba tseo Kapernauma, a ntse a ruta sinagogeng.
60Barutuwa ba hae ba bangata, hobane ba utlwe a rialo, ba re: Taba eo e thata, ya ka e utlwang ke mang?