Johanne
Khaolo 7:1-5
BIBELE e Halalelang
1Kamora tseo, Jesu a nna a ya le Galelea; hobane a ne a sa rate ho ya le Judea, ke hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.
2Mokete wa Bajuda wa Metlotlwane o ne o le haufi.
3Yaba banababo ba re ho yena: Tloha mona, o ye Judea, barutuwa ba hao le bona ba tle ba bone mesebetsi eo o e etsang.
4Hobane motho a ke ke a etsa letho sephiring, a be a rate ho tsejwa; ha o etsa tseo, o iponahatse ho lefatshe.
5Hobane le bona banababo ba ne ba sa dumele ho yena.