Johanne
Khaolo 7:19-25
BIBELE e Halalelang
19Ha ke re, Moshe o le neile molao na? Leha ho le jwalo, ha ho e mong wa lona ya phethang molao. Le batlelang ho mpolaya?
20Bongata ba mo araba, ba re: O na le motemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?
21Jesu a ba araba, a re: Ke entse mosebetsi o le mong, mme le maketse kaofela ke wona.
22Moshe o le file lebollo — hase hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho bontate moholo, — mme le bolotsa motho ka Sabatha.
23Na ha motho a bolotswa ka Sabatha, ho tle ho se ke ha tlolwa molao wa Moshe, le nkgalefetse keng ha ke fodisitse motho kahohle Sabatha na?
24Se ahloleng ka ho bona feela, le mpe le ahlole ka kahlolo e lokileng.
25Yaba ba bang ba Jerusalema ba re: Na hase yena eo ba mmatlang ho mmolaya na?