Johanne
Khaolo 7:24-30
BIBELE e Halalelang
24Se ahloleng ka ho bona feela, le mpe le ahlole ka kahlolo e lokileng.
25Yaba ba bang ba Jerusalema ba re: Na hase yena eo ba mmatlang ho mmolaya na?
26Athe bonang, ke enwa o bua pepeneneng, mme ha ba mo araba ka letho; na baholo ba tsebile ruri hobane ke yena e leng Kreste na?
27Enwa re mpa re mo tseba moo a tswang teng, athe Kreste, mohla a tlang, ha ho motho ya tla tseba moo a tswang teng.
28Yaba Jesu o phahamisa lentswe tempeleng, a ruta, a re: Le a ntseba, le bile le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a itlisa, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme ha le mo tsebe.
29Empa nna ke a mo tsebe, kahobane ke tswa ho yena, mme ke romilwe ke yena.
30Yaba ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang letsoho ho yena, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.