Johanne
Khaolo 7:5-11
BIBELE e Halalelang
5Hobane le bona banababo ba ne ba sa dumele ho yena.
6Jesu a re ho bona: Nako ya ka ha e eso ho tle; empa nako ya lona e ntse e le yona kamehla.
7Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.
8Lona, nyolohelang moketeng; nna ha ke eso ho be le ho nyolohela moketeng oo, kahobane nako ya ka ha eso ho phethehe.
9Eitse hobane a ba bolelle taba tseo, a itulela Galilea.
10Empa banababo ha ba se ba nyolohile, le yena a nyolohela moketeng, e seng pontsheng, a mpa a ya ka mokgwa wa sephiri.
11Bajuda ba ne ba mmatla moketeng, ba re: Elwa o kae?