Johanne
Khaolo 7:9-15
BIBELE e Halalelang
9Eitse hobane a ba bolelle taba tseo, a itulela Galilea.
10Empa banababo ha ba se ba nyolohile, le yena a nyolohela moketeng, e seng pontsheng, a mpa a ya ka mokgwa wa sephiri.
11Bajuda ba ne ba mmatla moketeng, ba re: Elwa o kae?
12Mme phapang e ne e le kgolo hodima hae hara setjhaba. Ba bang ba ne ba re: O molemo; ba bang ba re: Tjhe; empa o thetsa batho.
13Leha ho le jwalo, ho ne ho se motho ya buang tsa hae pepeneneng, ka baka la ho tshaba Bajuda.
14Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu a nyolohela tempeleng, a ruta.
15Bajuda ba makala ke hona, ba re: Na eo o tseba Mangolo jwang, athe ha a ka a ithuta?