Johanne
Khaolo 8:13-19
BIBELE e Halalelang
13Empa bafarisi ba re ho yena: O a ipaka e le wena; bopaki ba hao hase ba nnete.
14Jesu a araba, a re ho bona: Leha ke ipaka, bopaki ba ka ke ba nnete; hobane ke tseba moo ke tswang teng le moo ke yang teng; empa lona, ha le tsebe moo ke tswang teng le moo ke yang teng.
15Le ahlola ka nama; nna ha ke ahlole motho.
16Mme leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete; hobane ha ke nnotshi, ke mpa ke na le Ntate ya nthomileng.
17Esita le molaong wa lona ho ngodilwe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete.
18Ke nna ke ipakang, mme Ntate ya nthomileng o a mpaka le yena.
19Yaba ba re ho yena: Ntatao o kae? Jesu a araba, a re: Ha le ntsebe, ha le tsebe le Ntate; hoja le a ntseba, le ka be le tseba le yena Ntate.