Johanne
Khaolo 8:16-22
BIBELE e Halalelang
16Mme leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete; hobane ha ke nnotshi, ke mpa ke na le Ntate ya nthomileng.
17Esita le molaong wa lona ho ngodilwe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete.
18Ke nna ke ipakang, mme Ntate ya nthomileng o a mpaka le yena.
19Yaba ba re ho yena: Ntatao o kae? Jesu a araba, a re: Ha le ntsebe, ha le tsebe le Ntate; hoja le a ntseba, le ka be le tseba le yena Ntate.
20Jesu a bolela taba tseo polokelong ya letlotlo, a ruta tempeleng; mme ha ho a ka ha eba motho ya mo tshwarang, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.
21Yaba Jesu o boela a re ho bona: Ke a ya, mme le tla mpatla, mme le tla shwa sebeng sa lona; moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla.
22Jwale, Bajuda ba re: Hleka o tla ipolaya, ha a re: Moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla?