Johanne
Khaolo 8:22-28
BIBELE e Halalelang
22Jwale, Bajuda ba re: Hleka o tla ipolaya, ha a re: Moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla?
23A mpa a re ho bona: Lona, le ba tlase, nna, ke wa hodimo; lona, le ba lefatshe lena, nna, ha ke wa lefatshe lena.
24Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Le tla shwa dibeng tsa lona. Ekare ha le sa dumele hobane ke nna enwa, le tla shwa dibeng tsa lona.
25Yaba ba re ho yena: O mang, wena? Jesu a re ho bona: Ke hlile ke seo ke le boleletseng sona ho qaleng.
26Ke na le ditaba tse ngata tsa ho le bolela, le tsa ho le ahlola ka tsona; empa ya nthomileng ke wa nnete; mme ditaba tseo ke di utlwileng ho yena ke di bolella lefatshe.
27Ha ba ka ba utlwisisa hore o bua tsa Ntatae ho bona.
28Jwale, Jesu a re ho bona: Etlare hobane le fanyehe Mora motho, ke moo le tla tseba hobane ke nna enwa, le hobane ha ke etse letho ke nnotshi, ke mpa ke bolela ditaba tseo jwalokaha Ntate a nthutile.