Johanne
Khaolo 8:43-49
BIBELE e Halalelang
43Ha le utlwisise puo ya ka keng? Ke hobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka.
44Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.
45Empa nna, kahobane ke bolela nnete, ha le ntumele.
46Ke mang ho lona ya tla nkgodisa hore ke na le sebe? Ha ke bua nnete, ha le ntumele keng?
47Eo e leng wa Modimo o utlwa mantswe a Modimo; ke ka baka leo le sa utlweng, hobane le se ba Modimo.
48Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re: O Mosamaria, mme o na le motemona na?
49Jesu a araba, a re: Nna, ha ke na motemona, ke mpa ke hlonepha Ntate, empa lona, le a nthlompolla.