Johanne
Khaolo 8:46-52
BIBELE e Halalelang
46Ke mang ho lona ya tla nkgodisa hore ke na le sebe? Ha ke bua nnete, ha le ntumele keng?
47Eo e leng wa Modimo o utlwa mantswe a Modimo; ke ka baka leo le sa utlweng, hobane le se ba Modimo.
48Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re: O Mosamaria, mme o na le motemona na?
49Jesu a araba, a re: Nna, ha ke na motemona, ke mpa ke hlonepha Ntate, empa lona, le a nthlompolla.
50Ha ke batle thoriso ya ka; o teng ya e batlang, ya ahlolang.
51Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla o le mong.
52Yaba Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le motemona; Abrahama o shwele, le bona baporofeta; mme wena o re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.