Johanne
Khaolo 8:53-59
BIBELE e Halalelang
53Na o moholo ho ntata rona Abrahama na? Yena o shwele, le baporofeta ba shwele; wena, o ipea mang na?
54Jesu a araba, a re: Ekare ha ke ithorisa e le nna, thoriso ya ka hase letho; ya nthorisang ke Ntate, eo le reng ke Modimo wa lona.
55Athe ha le mo tsebe. Nna, ke a mo tseba; ha nka re, ha ke mo tsebe, nka ba leshano jwaloka lona; empa ke a mo tseba, mme lentswe la hae ke a le boloka.
56Abrahama, ntata lona, o nyakalletse ho bona letsatsi la ka, mme o le bone, a ba a thaba.
57Yaba Bajuda ba re ho yena: Dilemo tsa hao ha di eso ho be mashome a mahlano, mme o re o bone Abrahama?
58Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Abrahama ha a eso ho hlahe, ke ntse ke le teng.
59Jwale, ba thola majwe hore ba mmetse; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a iphetela hara bona; mme a itsamaela jwalo.