Johanne
Khaolo 8:7-13
BIBELE e Halalelang
7Mme kahobane ba ne ba phehella ho mmotsa, a inamoloha, a re ho bona: Ya se nang sebe ho lona e be yena ya qalang ho mmetsa ka lejwe.
8A ntoo boela a inama, a nna a ngola fatshe.
9Eitse hobane ba utlwe polelo eo, ba kgalemelwa ke matswalo a bona, mme ba tswa ba salane morao, ho qala ka ba baholo ho qetella ka ba morao; mme Jesu a siuwa a nnotshi, mosadi a ntse a eme hare.
10Yaba Jesu o a inamoloha, mme yare ha a bona ho se motho, e le mosadi feela, a re ho yena: Mosadi, baqosi bale ba hao ba kae na? Na ha ho motho ya o tswileng?
11A re: Ha ho motho, Morena. Jesu a re ho yena: Le nna ha ke o tswe. Eya, mme o se ke wa boela wa etsa sebe.]
12Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.
13Empa bafarisi ba re ho yena: O a ipaka e le wena; bopaki ba hao hase ba nnete.