Johanne
Khaolo 9:37-41
BIBELE e Halalelang
37Jesu a re ho yena: O mmone, mme e bile ke yena ya buang le wena.
38Yaba o re: Ke a dumela, Morena. Mme a mo kgumamela.
39Jesu a re: Ke tlile lefatsheng lena ho etsa kahlolo ya hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba fetohe difofu.
40Bafarisi ba bang ba nang le yena, yare ha ba utlwa taba tseo, ba re ho yena: Na le rona re difofu na? Jesu a re ho bona:
41Hojane le difofu, le ka be le se na sebe; empa jwale le re: Re a bona; sebe sa lona se sala ke hona.