Tite
Khaolo 2:10-15
BIBELE e Halalelang
10ba se ke ba utswa letho, empa ba etse hohle ka botshepehi bo botle, ba tle ba hlophise thuto ya Modimo, Mmoloki wa rona, nthong tsohle.
11Hobane mohau wa Modimo, o ka bolokang batho bohle, o bonahetse;
12o ntse o re ruta ho tela ho se tshabe Modimo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele nakong ya jwale ka kelello, ka ho loka, le ka borapedi;
13re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;
14ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.
15Bolela taba tseo, mme o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle; ho se ke ha eba motho ya o nyedisang.