Tite
Khaolo 2:11-15
BIBELE e Halalelang
11Hobane mohau wa Modimo, o ka bolokang batho bohle, o bonahetse;
12o ntse o re ruta ho tela ho se tshabe Modimo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele nakong ya jwale ka kelello, ka ho loka, le ka borapedi;
13re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;
14ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.
15Bolela taba tseo, mme o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle; ho se ke ha eba motho ya o nyedisang.