Tite
Khaolo 2:5-11
BIBELE e Halalelang
5ho phela ka kelello, le ho hlweka, le ho itulela mahae a bona; e be basadi ba molemo, ba utlwang banna ba bona, hore lentswe la Modimo le se ke la nyefolwa.
6Banna ba batjha le bona o ba kgothatse, hore ba phele ka kelello.
7Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.
8Puo ya hao e be e pholosang, e se nang ho nyatseha, hore ya re hanyetsang a tle a swabe ke ho hloka ntho e mpe eo a ka re beang yona.
9 Bolella bahlanka hore ba no utlwa beng ba bona, ba ba kgahlise nthong tsohle, ba se ke ba ba fetola,
10ba se ke ba utswa letho, empa ba etse hohle ka botshepehi bo botle, ba tle ba hlophise thuto ya Modimo, Mmoloki wa rona, nthong tsohle.
11Hobane mohau wa Modimo, o ka bolokang batho bohle, o bonahetse;