Tite
Khaolo 3:10-15
BIBELE e Halalelang
10Suthisa motho ya hlahisang thuto e kgelohileng, ha o se o kile wa mo tsosa ka la pele le ka la bobedi;
11o tle o tsebe hobane ya jwalo o se a senyehile, mme o etsa sebe; o se a ikahlotse.
12Etlere ha ke o romela Artemase, leha e le Tikike, o phakise o tle ho nna Nikopolise; hobane ke hopotse ho hlola mariha teng.
13O felehetse Senase, moruti wa molao, le Apolose hantle leetong la bona, ba tle ba se ke ba hloka letho.
14Baheso le bona ba ke ba ithute ho phehella mesebetsi e metle, mohla e hlokwang, e tle e se be ba sa beheng ditholwana.
15Ba ho nna ba o dumedisa bohle. Dumedisa ba re ratang tumelong.Mohau o be le lona bohle! Amen!