Tite
Khaolo 3:6-12
BIBELE e Halalelang
6oo o o tshetseng ka bongata hodima rona ka Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;
7hore, ha re se re beilwe ba lokileng ka mohau wa wona, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, jwalokaha re tshepile.
8Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.
9Empa o tshabe dikgang tsa bowatla, le tsa masika, le diqabang le diphapang tse etswang hodima molao; hobane ha di thuse letho, mme ke lefeela.
10Suthisa motho ya hlahisang thuto e kgelohileng, ha o se o kile wa mo tsosa ka la pele le ka la bobedi;
11o tle o tsebe hobane ya jwalo o se a senyehile, mme o etsa sebe; o se a ikahlotse.
12Etlere ha ke o romela Artemase, leha e le Tikike, o phakise o tle ho nna Nikopolise; hobane ke hopotse ho hlola mariha teng.