Daniele
Khaolo 2:11-17
BIBELE e Halalelang
11Taba e batlwang ke morena e thata haholo; ha ho e mong ya ka e senolelang morena, haese medimo e sa ahang hara batho.
12Morena a ba bohale kahoo, a halefa haholo, mme a laela hore babohlale kaofela ba Babilona ba bolawe.
13Molao wa tumiswa, mme babohlale ba ne ba se ba bolawa; ho ne ho batlwa Daniele le balekane ba hae ho ba bolaya.
14Yaba Daniele o bua ka bohlale le ka kutlwisiso le Arioke, hlooho ya bahlabani ba morena, ya neng a tswile ho bolaya babohlale ba Babilona,
15a re ho Arioke, tona ya morena: Na taelo ya morena e thata keng hakalo? Arioke a tsebisa Daniele kamoo taba di leng kateng.
16Daniele a kena, mme a rapela morena hore a mo fe sebaka, a tle a neele morena kwahollo.
17Yaba Daniele o ya tlung ya hae, a tsebisa Hanania le Mishaele le Asaria, balekane ba hae, kamoo taba di dutseng kateng,