Daniele
Khaolo 2:16-22
BIBELE e Halalelang
16Daniele a kena, mme a rapela morena hore a mo fe sebaka, a tle a neele morena kwahollo.
17Yaba Daniele o ya tlung ya hae, a tsebisa Hanania le Mishaele le Asaria, balekane ba hae, kamoo taba di dutseng kateng,
18le kamoo e ka kgonang ba rapele kateng, ho kopa mohau wa Modimo wa lehodimo bakeng sa sephiri seo, hore Daniele le balekane ba hae ba tle ba se ke ba fediswa le ba bohlale ba bang ba Babilona.
19Yaba sephiri seo se senolelwa Daniele ponong ya bosiu; mme Daniele a boka Modimo wa lehodimo.
20Daniele a re: Ho bokwe lebitso la Modimo kamehla le mehla, hobane efela o na le bohlale le matla!
21Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.
22O bea tse tebileng le diphiri pepeneneng; o tsebisisa se lefifing, lesedi le ahile ho wona.