Daniele
Khaolo 2:2-8
BIBELE e Halalelang
2Yaba morena o laela hore ba bohlale, le dinohe, le baupelli, le Bakalde ba bitswe, ba tle ba kwahollele morena ditoro tsa hae; ba tla, ba itlhahisa pela morena.
3Morena a re ho bona: Ke lorile, mme moya wa ka o tjhobela ho tseba toro eo.
4Bakalde ba re ho morena ka puo ya Sesiria: Morena, o fele o phele ka ho sa feleng! Bolella bahlanka ba hao toro, mme re tla o tsebisa kwahollo ya yona.
5Morena a araba, a re ho Bakalde: Taba eo e se e mphonyohetse. Ha le sa ntsebise toro le kwahollo ya yona, le tla pongwa dikoto, matlo a lona a etswe qubu ya moitedi.
6Empa ha le ka ntekanyetsa toro le kwahollo ya yona, le tla bona dimpho le meputso le hlompho e fetisisang ho nna; hlong le ntekanyetse toro le kwahollo ya yona.
7Ba boela ba araba, ba re: Morena a ke a bolelle bahlanka ba hae toro, mme re tla ntsha kwahollo ya yona.
8Morena a araba, a re: Ke lemoha kannete hoba le batla ho ekeletswa nako, kahobane le bona ha taba eo e mphonyohetse.