Daniele
Khaolo 3:1-7
BIBELE e Halalelang
1Morena Nebukadnesare o ne a etse setshwantsho sa kgauta, boemo ba sona e le ditswe tse mashome a tsheletseng, botenya ba sona e le ditswe tse tseletseng; a se emisa lehwatateng la Dura, naheng ya Babilona.
2Morena Nebukadnesare a romela ho phutha mahosana, le marenana, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo a hae, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi bohle ba dinaha tse kamathoko, hore ba itlhahise moketeng wa ho kgakola setshwantsho se emisitsweng ke morena Nebukadnesare.
3Yaba ho phutheha mahosana, le marena, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi kaofela ba dinaha tse kamathoko, ho tla kgakolong ya setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng, mme ba ema pela setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.
4Sebohodi sa howa ka lentswe le phepa, sa re: Le a tsebiswa, lona batho, le ditjhaba, le banna ba dipuo tsohle, hore,
5ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, le kgumame, mme le rapele setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.
6Mme leha e ka ba mang ya sa kgumameng, a sa rapele, o tla akgelwa seboping sa mollo o bohale.
7Ha ho le jwalo, eitse ha ba utlwa modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le diletsa kaofela, batho bohle, le ba ditjhaba, le ba dipuo, ba kgumama pela setshwantsho sa kguata seo morena Nebukadnesare a se emisitseng.