Daniele
Khaolo 3:5-11
BIBELE e Halalelang
5ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, le kgumame, mme le rapele setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.
6Mme leha e ka ba mang ya sa kgumameng, a sa rapele, o tla akgelwa seboping sa mollo o bohale.
7Ha ho le jwalo, eitse ha ba utlwa modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le diletsa kaofela, batho bohle, le ba ditjhaba, le ba dipuo, ba kgumama pela setshwantsho sa kguata seo morena Nebukadnesare a se emisitseng.
8Ka nako yona eo, Bakalde ba bang ba atamela, ba qosa Bajuda;
9ba bua, ba re ho morena Nebukadnesare: Morena, phela ka ho sa yeng kae!
10Morena, o beile taelo ya hore e mong le e mong ya utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, a kgumame, mme a rapele setshwantsho sa kgauta; wa re,
11leha e ka ba mang ya sa tlong ho kgumama a rapela, o tla akgelwa seboping sa mollo o bohale.