Daniele
Khaolo 5:1-7
BIBELE e Halalelang
1Morena Belshatsare o ne a etsetse mahosana a hae a sekete mokete o moholo, mme a nwa veine pela batho bao ba sekete.
2Belshatsare ha a se a nwele veine, a laela hore ho tliswe mehope ya kgauta le ya silefera eo ntatae Nebukadnesare a neng a e hapile tempeleng ya Jerusalema, hore morena, le mahosana a hae, le basadi ba hae, le dinyatsi tsa hae, ba nwe ka mehope eo.
3Yaba ho tliswa mehope ya kgauta e hapilweng tempeleng, tlung ya Modimo, Jerusalema, mme morena, le mahosana a hae, le basadi ba hae, le dinyatsi tsa hae, ba enwa ka mehope eo.
4Ba enwa veine, ba ba ba roka medimo ya bona ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe.
5Ka nako yona eo, ha hlaha menwana ya letsoho la motho, mme ya ngola modilong wa lebota, mabapa le kandelare, ka tlung ya morena; morena a bona ntlha ya letsoho ha le ngola.
6Yaba sefahleho sa morena se fetoha hang, mehopolo ya hae ya ferekanngwa; mesifa ya matheka a hae ya hlepha, mangwele a hae a otlana.
7Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.