Daniele
Khaolo 5:22-28
BIBELE e Halalelang
22Empa wena, mora wa hae, Belshatsare, ha o a ka wa kokobetsa pelo ya hao, leha o tsebile taba tseo kaofela;
23o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.
24Ke ka baka leo letsoho leo le rometsweng ke wona ho tla ngola lengolo leno.
25Hlaku tse ngodilweng ke tsona tsena: Mene, mene, thekel, upharsin.
26Kwahollo ya dihlaku tseno ke yona ena: Mene (badilwe) ke ho re: Modimo o badile mmuso wa hao, mme o o kgaotse.
27Thekel (lekantswe): O lekantswe ka sekala, mme ha fumanwa o le tjhatsi.
28Peres (karolo): Mmuso wa hao o arotswe, mme o neilwe Bamede le Bapersia.