Hosea
Khaolo 13:11-16
BIBELE e Halalelang
11Ke o neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa kgalefong ya ka.
12Ho bofeletswe bokgopo ba Efraime, sebe sa hae se bolokilwe.
13Bohloko ba pelehi bo tla mo hlahela. Eo ke ngwana ya sethoto, hobane ha a itlhahise nakong ya teng, hore a tswalwe.
14Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung?Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.
15Leha Efraime a beha ditholwana hara banababo, moya wa botjhabela o ya foka, moya wa Jehova o ya tswa feelleng. Ho tla psha sediba sa hae, mehlodi ya hae e ome. Sera se tla hapa matlotlo a mesebetsi yohle ya bohlokwa.
16Samaria o tla kgalemelwa, hobane o ikgantshitse ho Modimo wa hae. Ba tla bolawa ke lerumo, masea a bona a pshatlwe, basadi ba bona ba emereng ba petsolwe.