Hosea
Khaolo 13:4-10
BIBELE e Halalelang
4Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna.
5Nna, ke o tsebile feelleng, fatsheng le omileng.
6Ha ba ntse ba fula, ba ile ba kgora; mme ha ba kgotse, pelo tsa bona tsa ikgohomosa; ba ntebetse ke hona.
7Ho bona ke se ke le jwaloka tau, jwaloka lengau ha le lalla tseleng.
8Ke tla ikakgela hodima bona jwaloka bere e timeletsweng ke bana ba yona, ke harole difuba tsa bona, ke ba jele teng jwaloka tau e tshehadi; dibatana tsa naha di tla ba harola.
9Ho o timetsang, Iseraele, ke ha o ipeile sera ho nna, ke le ya o thusang.
10O kae morena wa hao? A o pholose metseng yohle ya hao! Le baahlodi ba bao ba kae? Athe ke ka bona bao o itseng: O nnee morena le mahosana!