Hosea
Khaolo 4:6-12
BIBELE e Halalelang
6Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.
7Ha ba ntse ba ngatafala, ke moo ba ntshitelwang ka ho fetisa; kganya ya bona ke tla e fetola dihlong.
8Baprista ba iphepa ka sebe sa setjhaba sa ka, le makgopo a sona ba a lapela.
9Ka baka leo, moprista o tla hlahelwa ke taba e le nngwe le setjhaba, mme ke tla kgalemela mekgwa ya bona, ke ba etse ka diketso tsa bona.
10Ba tla ja, empa ba ke ke ba kgora; ba tla feba, empa ba ke ke ba ata, kahobane ba tlohetse ho hlokomela Jehova.
11Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.
12Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.