Hosea
Khaolo 7:1-6
BIBELE e Halalelang
1Ha ke re ke phekola Iseraele, ke moo ho hlahang bokgopo ba Efraime le bolotsana ba Samaria. Hobane ba etsa tsa bohata. Leshodu le kena matlung, sehlopha sa ba lobelang se hasana kantle.
2Pelong tsa bona ha ba bolele hore ke hopotse bolotsana ba bona. Jwale, diketso tsa bona di ba teetse hare, di pela sefahleho sa ka.
3Ka bolotsana ba bona ba thabisa morena, le matona ka mashano a bona.
4Ke bafebi kaofela; ba jwaloka sebopi se besitsweng ke moapehi. O lesa ho tsosa mollo, ha a qala ho duba, hlama e be e kokomohe.
5Ka tsatsi la mokete wa morena wa rona, matona a ipabisa ka bohale ba veine, yena o ntshetsa basomi letsoho la hae.
6Hobane ba isa pelo tsa bona makunutung a bona jwaloka seboping. Moapehi wa bona o robala bosiu bohle, hosasa sebopi se tuka ka malakabe a mollo.