Hosea
Khaolo 7:8-14
BIBELE e Halalelang
8Efraime o ikopanya le ditjhaba; Efraime ke senkgwa se sa kang sa fetolwa.
9Baditjhaba ba jele matla a hae, empa yena ha a ka a lemoha. O medile moriri o moputswa, empa ha a tsebe.
10Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng. Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba kgutlela ho Jehova, Modimo wa bona, le ho mmatla ha ba ka ba mmatla.
11Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.
12Ba re ba sa ya, ke tla tjheha leraba la ka kahodima bona, ke ba theole jwaloka nonyana e sebakeng, ke ba kgalemele kamoo ke tsebisitseng phutheho ya bona kateng.
13Ho madimabe bona, hobane ba mpalehetse! Ho lahleha bona, hobane ba nkwenehetse! Ke ne ke re, ke a ba lopolla, empa bona ba bolela mashano hodima ka.
14Ha ba howeletse ho nna ka dipelo tsa bona, empa ba bokolla phateng tsa bona, ba bokana hammoho bakeng sa mabele le jwala, mme ba mphuralla.