Hosea
Khaolo 8:6-12
BIBELE e Halalelang
6Hobane eo e tswa Iseraeleng, e entswe ke lelala, hase modimo; namane ya Samaria e tla robakwa dikoto.
7Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba.
8Iseraele o a metswa, hara ditjhaba ba jwaloka pitsa e sa ratweng.
9Hobane bona ba ya Assiria. Pitsi yona e itshalla e nnotshi; empa Efraime o ipatlela barati ka dineo.
10Leha ba romela dineo hara ditjhaba, ke tla ba bokella teng, ba qale ho fokola ke ho imelwa ke morena wa marena a mang.
11Erekaha Efraime a atisitse ho haha dialetare ka ho seba, dialetare di tla mo sebisa.
12Leha nka mo ngolla molao wa ka hasekete, ba ka mpa ba o tadima jwaloka ntho esele.