Hosea
Khaolo 9:9-15
BIBELE e Halalelang
9Ba itshentse hampempe jwaloka mohla Gibea. Modimo o tla hopola makgopo a bona, o kgalemele dibe tsa bona.
10Ke fumane Iseraele a le ho nna jwaloka ditholwana tsa morara tse fumanwang feelleng; ke tadimile bontata lona jwalokaha ho tadingwa dilopotsiya tsa feiye e qalang ho beha. Athe bona ba ile Baale-Peore, ba ikgethela tse dihlong, ba ba ba fetoha manyala jwaloka dinyatsi tsa bona.
11Kganya ya Efraime e tla fofela koo jwaloka nonyana; ha ho sa tla ba ya tswetsweng, leha e le moima, le ya emolang.
12Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!
13Efraime, ha ke mo tadima, o hlomilwe thoteng e ntle jwaloka Tire, empa Efraime o tla ntshetsa bana ba hae ho ya ba bolayang.
14Ba nee, Jehova! ... o tla ba neang? ... O ba nee dimpa tse tswang le matswele a omeletseng.
15Bolotsana bohle ba bona bo Gilgale. Ke moo ke ba hloileng. Ka baka la bobe ba metsamao ya bona, ke tla ba leleka tlung ya ka. Ha ke sa tla hlola ke ba rata; marena wohle a bona ke baikgantshi.