Mikea
Khaolo 5:11-15
BIBELE e Halalelang
11ke tla timetsa metse ya lefatshe la hao, ke qhaqholle diqhobosheane tsa hao kaofela;
12ke tla tlosa boloi letshong la hao, mme dinohe ha di sa tla ba teng ha hao.
13Ha e le ditshwantsho tsa hao tse betlilweng le tse tsholotsweng, ke tla di fedisa mahareng a hao, mme ha o sa tla kgumamela mosebetsi wa matsoho a hao.
14Ke tla fothola diashera tse ho wena, ke timetse metse ya hao;
15mme ke tla iphetetsa ka bohale le ka kgalefo hodima ditjhaba tse sa kang tsa utlwa.