Mikea
Khaolo 5:8-14
BIBELE e Halalelang
8Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!
9Letsoho la hao le ke le phahamele bahlorisi ba hao, dira tsa hao kaofela di ke di fediswe!
10Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ke tla timeletsa dipere tsa hao tse ho wena, ke fedise le makoloi a hao;
11ke tla timetsa metse ya lefatshe la hao, ke qhaqholle diqhobosheane tsa hao kaofela;
12ke tla tlosa boloi letshong la hao, mme dinohe ha di sa tla ba teng ha hao.
13Ha e le ditshwantsho tsa hao tse betlilweng le tse tsholotsweng, ke tla di fedisa mahareng a hao, mme ha o sa tla kgumamela mosebetsi wa matsoho a hao.
14Ke tla fothola diashera tse ho wena, ke timetse metse ya hao;