Baroma
Khaolo 11:2-8
BIBELE
2Modimo ha a a lahla setjhaba sa hae seo a se tsebileng e sa le pele. Kapa na ha le tsebe seo Mangolo a se bolelang ka Elia, ha a ne a lla ho Modimo ka Baiseraele, a re:
3“Morena, ba bolaile baporofeta ba hao, ba dihile dialetare tsa hao; ke setse ke le mong, mme ba batla ho mpolaya.”
4Empa Modimo o mo arabile jwang? O re: “Ke ipoloketse banna ba kete tse supileng, ba sa kang ba kgumamela Baale.”
5Le nakong ya jwale ho ntse ho le jwalo: methwaela e setseng e teng e ileng ya kgethwa ka mohau wa Modimo.
6Empa haeba e le ka mohau, ha e sa le ka baka la diketso; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau.
7Jwale? Seo Baiseraele ba neng ba se batla, ha ba a ka ba se fumana, empa bakgethwa ba se fumane. Ha e le ba bang ba thotofaditswe,
8jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Modimo o ba neile moyao se nang kutlwisiso,mahlo a sa boneng,le ditsebe tse sa utlweng,ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.”