Dipolelo
Khaolo 33:22-28
BIBELE
22“Ho Dane a re:“ <Dane yena ke dinyane la tau,le tlolang le etswa Bashane.>
23“Ho Nafthali a re:“ <Wena, Nafthali,o ratwa ka ho fetisa,mahlohonolo a Morenaa o atetse;mmuso wa haoo tloha lewatleng ho ya borwa.>
24“Ho Ashere a re:“ <Ashere a hlohonolofaleho feta merabe yohle,bana baboba ke ba mo rate haholo,maoto a hae a tlotsweka ole ya mohlwaare.
25Mekwallo ya haee be ya tshepe le ya lethose,matla a boqhekunga tshwane le a botjheng ba hae.>
26“Ha ho ya kangModimo wa Jeshurune,ya kallang mahodimoho tla le thusetsa,ya tlang ka tlotla ya haea le hodima maru.
27Leaho la haoke Modimo wa mehla yohle,matsoho a mehla yohlea o tshehetsa;a phaladisa sera kapele ho wena,a o laela hore o se timetse.
28Jwale Iseraele o phela ka kgotso,sediba sa Jakobo se inotshi feela,naheng ya koro le ya veine e ntjha;e, mahodimo a nesa pula.