Baefese
Khaolo 2:3-9
BIBELE e Halalelang
3Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang.
4Empa Modimo, kaha e le morui wa mohau, ka baka la lerato le leholo leo o re ratileng ka lona,
5ha re ne re itjhweletse melatong ya rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau),
6mme o re tsositse hammoho, wa ba wa re dudisa hammoho mahodimong, ho Jesu Kreste;
7hore mehleng e tlang, o tle o bonahatse monono o fetisang wa mohau wa wona, ka lereko leo o re etseditseng lona ho Jesu Kreste.
8Hobane le bolokehile ke mohau, ka tumelo; ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo:
9hase ka mesebetsi, ho tle ho se ka ha eba motho ya ithorisang.