Baefese
Khaolo 4:13-19
BIBELE e Halalelang
13re tle re be re finyelle bohle bonngweng ba tumelo le ba tsebo ya Mora wa Modimo, re be re fihlele boholo ba monna ya phethehileng, le tekano ya boemo bo phethehileng ba Kreste;
14hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata;
15re mpe re etse nnete ka lerato, mme re hole nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hlooho,
16eo mmele wohle o bopehileng hantle, o kopantsweng hammoho, ka dikopano tsohle tse fepang ditho tsohle, o nkang kgolo ho yena, ka matla a abelwang se seng le se seng sa tsona, o tle o hahuwe leratong.
17Jwale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela jwaloka baditjhaba ba bang, ba yang ka bosawana ba dikelello tsa bona;
18bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.
19Ba timeletswe ke kutlo yohle, ba ineetse bohlola, ba tle ba etse manyala wohle ka takatso e se nang ho kgolwa.