Baefese
Khaolo 4:18-24
BIBELE e Halalelang
18bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.
19Ba timeletswe ke kutlo yohle, ba ineetse bohlola, ba tle ba etse manyala wohle ka takatso e se nang ho kgolwa.
20Empa haele lona, ha le a ka la ithuta Kreste jwalo;
21ha le fela le mo mametse, mme le rutilwe ho yena kamoo nnete e leng ho Jesu kateng,
22e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;
23le ho ntjhafala mehopolong ya dipelo tsa lona,
24le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.