Baefese
Khaolo 6:12-18
BIBELE e Halalelang
12Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.
13Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho tiya ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlotse tsohle.
14Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.
15Maotong a lona, le rwale mafolofolo a Evangeli ya kgotso.
16Kahodima tseo tsohle le tshware thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima metsu yohle e tukang ya molotsana.
17Rwalang heleme ya poloko, mme le tshware lerumo la Moya, e leng lentswe la Modimo.
18Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.