Baefese
Khaolo 6:18-24
BIBELE e Halalelang
18Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.
19Le nna le nthapelle, hore ke newe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli,
20eo ke leng lenqosa la yona, leha ke tlamilwe ka mahlaahlela, hore ke bolele ditaba tsa yona ka matla, jwalokaha ke tshwanetse ho di bolela.
21Mme ka hore le tle le tsebe le lona kamoo ke dutseng kateng, le seo ke se etsang, Tikike, ngwaneso ya ratwang, mohlanka ya tshepehang Moreneng, o tla le tsebisa tsohle.
22Ke ka baka leo ke mo rometseng ho lona, a tle a le tsebise kamoo re dutseng kateng, mme a tshedise dipelo tsa lona.
23Kgotso, le lerato, le tumelo di be le baena, di etswa ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste!
24Mohau o be le bohle ba ratang Morena wa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng. Amen!